8. Ba re ho yena: Re lorile ditoro, mme ha ho ya di phuthollang. Josefa a re ho bona: Diphuthollo na ha di tswe ho Modimo na? A le ke le mpolelle hle.
9. Yaba molaodi wa baqhatsetsi o bolella Josefa toro ya hae, a re ho yena: Ke lorile ke bona sefate sa morara pela ka;
10. sefate se ne se na le makala a mararo; yare ha se thunya, sa tswa dipalesa, mme masihla a sona a hlahisa ditholwana tse butswitseng.
11. Senwelo sa Faro se ne se le letsohong la ka; yaba ke nka ditholwana, ka di tlhotlella senwelong sa Faro, mme ka neela senwelo seatleng sa Faro.
12. Yaba Josefa o re ho yena: Phuthollo ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo;
13. ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro a ntoo emisa hlooho ya hao, a o busetsa kabelong ya hao, mme o tla neela Faro senwelo letsohong la hae ka mokgwa wa pele, ha o ne o sa le moqhatsetsi wa hae.
14. Empa etlere ha ho dutse hantle le wena, o nkgopole, o nketsetse ka mohau, o mpuelle ho Faro, o tle o nntshe tlung ena.
15. Hobane ke utswitswe fatsheng la Baheberu, mme le kwano ha ke a etsa letho leo ba neng ba ka nkenya teronkong ka baka la lona.
16. Yaba molaodi wa baapehedi ha a bona hoba phuthollo e monate, o re ho Josefa: Le nna torong ya ka ke bone ke rwetse diroto tse tharo tsa mahobe a masweu hloohong ya ka.