Genese 40:20-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Yare ka tsatsi la boraro, tsatsi la ho tswalwa ha Faro, a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete; yaba o emisa hlooho ya molaodi wa baqhatsetsi, le hlooho ya molaodi wa baapehedi hara bahlanka ba hae;

21. a busetsa molaodi wa baqhatsetsi ho qhatsetseng ha hae, hore a nne a nee Faro senwelo letsohong;

22. mme a fanyeha molaodi wa baapehi, kamoo Josefa a neng a ba phutholletse kateng.

23. Empa molaodi wa baqhatsetsi ha a ka a hopola Josefa, a mpa a mo lebala.

Genese 40