18. Yaba Josefa o mo araba, a re: Phuthollo ya teng ke ena: Diroto tse tharo ke matsatsi a mararo;
19. ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro o tla o tlosa hlooho, a o fanyehe sefateng; mme dinonyana di tla ja nama ya hao e ho wena.
20. Yare ka tsatsi la boraro, tsatsi la ho tswalwa ha Faro, a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete; yaba o emisa hlooho ya molaodi wa baqhatsetsi, le hlooho ya molaodi wa baapehedi hara bahlanka ba hae;
21. a busetsa molaodi wa baqhatsetsi ho qhatsetseng ha hae, hore a nne a nee Faro senwelo letsohong;
22. mme a fanyeha molaodi wa baapehi, kamoo Josefa a neng a ba phutholletse kateng.
23. Empa molaodi wa baqhatsetsi ha a ka a hopola Josefa, a mpa a mo lebala.