Genese 40:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yare kamora ditaba tsena, moqhatsetsi wa morena wa Egepeta le moapehedi wa hae ba sitelwa mong a bona, morena wa Egepeta.

2. Faro a halefela ditona tseo tse pedi tsa hae, molaodi wa baqhatsetsi le molaodi wa baapehedi.

3. A ba neela hore ba bolokwe tlung ya molaodi wa balebedi, tlung ya teronko, moo Josefa a keneng teronkong teng.

Genese 40