Genese 4:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. empa ha a ka a tadima Kaine leha e le kabelo ya hae. Kaine a halefa haholo, mme sefahleho sa hae sa sosobana.

6. Jehova a re ho Kaine: O bohale keng? mme sefahleho sa hao se sosobanetseng?

7. Ekare ha o etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? Mme ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyako; mme ditakatso tsa sona di lebile ho wena, o mpe o se buse.

8. Kaine a bua le Abele moenae; mme ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moenae matla, a mmolaya.

9. Jehova a re ho Kaine: Abele ngwaneno o kae? Kaine a re: Ha ke tsebe; a ke modisa wa ngwaneso na?

10. Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.

11. Mme jwale o rohakilwe ke lefatshe le ahlamisitseng molomo wa lona ho metsa madi a ngwaneno letsohong la hao.

12. Etlare ha o lema lefatshe, le ke ke la o hlahisetsa tsa lona; o tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng.

13. Kaine a re ho Jehova: Kotlo ya ka e kgolo ho fetisa see nka se jarang.

14. Bona, o ntelekile naheng ena kajeno, mme ke tla patelwa sefahleho sa hao, mme ke tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng: ka baka lena, mang le mang ya mphumanang o tla mpolaya.

15. Jehova a mo fetola, a re: Mang le mang ya ka bolayang Kaine, ho tla phetetswa ho yena hasupa. Jehova a beela Kaine pontsho ya hore, e mong le e mong ya mo fumanang a se ke a mmolaya.

16. Yaba Kaine o tloha pontsheng ya Jehova, a ya aha naheng ya Node ka nqa botjhabela ho Edene.

Genese 4