Genese 4:11-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Mme jwale o rohakilwe ke lefatshe le ahlamisitseng molomo wa lona ho metsa madi a ngwaneno letsohong la hao.

12. Etlare ha o lema lefatshe, le ke ke la o hlahisetsa tsa lona; o tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng.

13. Kaine a re ho Jehova: Kotlo ya ka e kgolo ho fetisa see nka se jarang.

14. Bona, o ntelekile naheng ena kajeno, mme ke tla patelwa sefahleho sa hao, mme ke tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng: ka baka lena, mang le mang ya mphumanang o tla mpolaya.

15. Jehova a mo fetola, a re: Mang le mang ya ka bolayang Kaine, ho tla phetetswa ho yena hasupa. Jehova a beela Kaine pontsho ya hore, e mong le e mong ya mo fumanang a se ke a mmolaya.

16. Yaba Kaine o tloha pontsheng ya Jehova, a ya aha naheng ya Node ka nqa botjhabela ho Edene.

17. Kaine a tseba mosadi wa hae, mme a emola, a tswala Henoke; Kaine a haha motse, mme a reella motse oo lebitso la Henoke, mora wa hae.

18. Henoke a tswala Irade; Irade a tswala Mehujaele; Mehujaele a tswala Methusaele; Methusaele a tswala Lemeke.

19. Lemeke a nyala basadi ba babedi; lebitso la e mong e ne e le Ada, lebitso la e mong e le Tsilla.

20. Ada a tswala Jabale, e bileng ntata ba dulang ditenteng, ba disang mehlape.

21. Lebitso la moenae e ne e le Jubale; yena e bile ntata bohle ba letsang harepa le phala.

Genese 4