Genese 4:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Adama o tseba Eva, mosadi wa hae, mme a emola, a tswala Kaine, a re: Ke itswaletse monna ka thuso ya Jehova.

2. A boela a tswala Abele, moenae. Abele ya eba modisa wa dinku, Kaine yena ya eba ya lemang mobu.

3. Ha isaisa, Kaine a tlisetsa Jehova kabelo ya tse mediswang ke lefatshe;

4. Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a mang a mohlape wa hae, le mafura a wona. Yaba Jehova o tadima Abele le kabelo ya hae;

5. empa ha a ka a tadima Kaine leha e le kabelo ya hae. Kaine a halefa haholo, mme sefahleho sa hae sa sosobana.

Genese 4