Genese 39:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka;

9. ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?

10. Leha a ne a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo dumela hore a robale le yena, leha e le ho ba le yena.

11. Mohlomong, ha a ile ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ho se le a mong wa batho ba ntlo teng ka tlung,

12. a mo tshwara ka kobo, a re ho yena: Robala le nna! Yaba o siya kobo ya hae matsohong a hae, a baleha, a tswela ntle.

13. Eitse ha a bona hoba o siile kobo ya hae matsohong a hae, a balehile,

14. a bitsa batho ba ntlo ya hae, a ba bolella, a re: Bonang, ho tlisitswe monna wa Moheberu ho rona ho bapala ka rona. O tlile ho nna, a re, o robala le nna, mme ka hoeletsa ka lentswe le leholo;

15. eitse ha a utlwa hoba ke phahamisa lentswe la ka, ke howeletsa, a siya kobo ya hae ho nna, a baleha, a tswela ntle.

16. A boloka kobo ya Josefa pela hae, ho fihlela mong a hae ha a etla hae.

17. Yaba o bua le yena ka polelo tsa hore hoitseng, a re: Mohlanka wa Moheberu eo o mo tlisitseng ho rona, o ile a tla ho nna ho bapala ka nna.

18. Yare ha ke phahamisa lentswe la ka, ke bitsa, a siya kobo ya hae ho nna, a balehela ntle.

Genese 39