7. Ere, mora wa letsibolo wa Juda, e ne e le motho e mobe mahlong a Jehova, mme Jehova a mmolaya.
8. Yaba Juda o re ho Onane: Eya ho mosadi wa moholwane wa hao, o mo kenele, kaha o le ngwanabo monna wa hae, o tsosetse moholwane wa hao leloko.
9. Empa Onane, ka ho tseba hobane bana e ke ke ya eba ba hae, e ne e re ha a eya ho mosadi wa moholwane wa hae, o ne a ithusetsa fatshe, a tle a se ke a fa moholwane bana.
10. Seo a neng a se etsa, sa eba sebe mahlong a Jehova, mme a mmolaya le yena.
11. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae: Kgutlela tlung ya ntatao o le mohlolohadi, ho fihlela Shela, moraka, a hola. Hobane o ne a re, esere mohlomong le yena a shwa jwaloka banababo. Yaba Tamare o a tsamaya, a boela tlung ya ntatae.
12. Ha isaisa ditshiu tse ngata, mme mohatsa Juda, moradi wa Shua, a shwa; eitse ha Juda a tshedisehile, a nyoloha ho ya Thimna ho bakuti ba dinku tsa hae, yena le molekane wa hae Hira, wa Adullame.
13. Tamare a bolellwa, ha thwe: Bona, matsalao o nyolohetse Thimna ho kuta dinku tsa hae.
14. Yaba o hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikapesa ka lesira, a ipopa, a ye dula kgorong ya Enaime, e tseleng ya Thimna; hobane o ne a bona hoba Shela o hodile, a mpa a sa mo newe hore e be mosadi wa hae.
15. Juda a mmona, a re ekaba ke seotswa, hobane a ne a ipatile sefahleho.
16. A fapohela ho yena tseleng, a re: Ako ntumelle hore ke tle ho wena. Kanthe ha a tsebe hoba ke ngwetsi ya hae. Yaba o re: O tla nneang, ha o ka tla ho nna?
17. A re: Ke tla o romela phorohlwana ya podi ya mohlape wa ka. A re: Ke ha o ka nnea tebeletso ho fihlela o ba o e romela.