13. Tamare a bolellwa, ha thwe: Bona, matsalao o nyolohetse Thimna ho kuta dinku tsa hae.
14. Yaba o hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikapesa ka lesira, a ipopa, a ye dula kgorong ya Enaime, e tseleng ya Thimna; hobane o ne a bona hoba Shela o hodile, a mpa a sa mo newe hore e be mosadi wa hae.
15. Juda a mmona, a re ekaba ke seotswa, hobane a ne a ipatile sefahleho.
16. A fapohela ho yena tseleng, a re: Ako ntumelle hore ke tle ho wena. Kanthe ha a tsebe hoba ke ngwetsi ya hae. Yaba o re: O tla nneang, ha o ka tla ho nna?
17. A re: Ke tla o romela phorohlwana ya podi ya mohlape wa ka. A re: Ke ha o ka nnea tebeletso ho fihlela o ba o e romela.
18. A re: Ke o nee tebeletso efe? A re: Lesale la tiiso la hao, le leqhwele la hao, le lere le letsohong la hao. Yaba o a mo nea, a yo ho yena; mosadi a emodiswa ke yena.
19. A tloha a ikela, a rola lesira leo a neng a le rwetse, a apara diaparo tsa bohlolohadi.
20. Juda a romela potsanyane ka letsoho la Hira, wa Adullame, molekane wa hae, ho tla lata tebeletso e diatleng tsa mosadi, empa a se ka a mmona.
21. Yaba o botsa batho ba motse, a re: Se kae seotswa se neng se le Enaime, pela mmila? Ba re: Ha ho a ka ha eba seotswa mona.
22. Yaba o kgutlela ho Juda, a re: Ha ke a ka ka mo fumana, mme banna ba motse ba bile ba mpolella, ba re: Ha ho seotswa mona.
23. Juda a re: A ipolokele, esere mohlomong re ka hlabiswa dihlong; kanthe potsanyane eo ke e rometse, mme ha o a ka wa mo fumana.
24. Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!
25. Eitse ha ba re ba mo ntsha, a romela ho matsalae, a re: Ke emodisitswe ke monna eo ntho tsena e leng tsa hae; mme a re: Ako tsebe hore na tsena ke tsa mang; lesale la tiiso, le leqhwele, le lere?
26. Juda a di tseba, mme a re: O lokile ho fetisa nna, hobane ha ke a ka ka mo nea Shela, moraka. Yaba ha a sa pheta ho ya ho yena.
27. Ha a itshihlolla, a tshoha e le mafahla ka mpeng ho yena.
28. Yare ha a se a le pelehing, ngwana e mong a hlahisa seatla, mme mmelehisi a se nka, a se tlamella ka tshwele e kgubedu, ka ho re: Enwa ke ya tswileng pele.
29. Eitse ha a honyetsa letsoho la hae, ngwanabo a hlaha: yaba mmelehisi o re: O a monyoha jwang? Monyoho ke wa hao. A mo rea lebitso la Peretse (monyoho).
30. Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya rwetseng tshwele e kgubedu letsohong la hae, mme a mo rea lebitso la Sera (ho benya).