Genese 38:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Seo a neng a se etsa, sa eba sebe mahlong a Jehova, mme a mmolaya le yena.

11. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae: Kgutlela tlung ya ntatao o le mohlolohadi, ho fihlela Shela, moraka, a hola. Hobane o ne a re, esere mohlomong le yena a shwa jwaloka banababo. Yaba Tamare o a tsamaya, a boela tlung ya ntatae.

12. Ha isaisa ditshiu tse ngata, mme mohatsa Juda, moradi wa Shua, a shwa; eitse ha Juda a tshedisehile, a nyoloha ho ya Thimna ho bakuti ba dinku tsa hae, yena le molekane wa hae Hira, wa Adullame.

13. Tamare a bolellwa, ha thwe: Bona, matsalao o nyolohetse Thimna ho kuta dinku tsa hae.

14. Yaba o hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikapesa ka lesira, a ipopa, a ye dula kgorong ya Enaime, e tseleng ya Thimna; hobane o ne a bona hoba Shela o hodile, a mpa a sa mo newe hore e be mosadi wa hae.

15. Juda a mmona, a re ekaba ke seotswa, hobane a ne a ipatile sefahleho.

16. A fapohela ho yena tseleng, a re: Ako ntumelle hore ke tle ho wena. Kanthe ha a tsebe hoba ke ngwetsi ya hae. Yaba o re: O tla nneang, ha o ka tla ho nna?

17. A re: Ke tla o romela phorohlwana ya podi ya mohlape wa ka. A re: Ke ha o ka nnea tebeletso ho fihlela o ba o e romela.

18. A re: Ke o nee tebeletso efe? A re: Lesale la tiiso la hao, le leqhwele la hao, le lere le letsohong la hao. Yaba o a mo nea, a yo ho yena; mosadi a emodiswa ke yena.

19. A tloha a ikela, a rola lesira leo a neng a le rwetse, a apara diaparo tsa bohlolohadi.

20. Juda a romela potsanyane ka letsoho la Hira, wa Adullame, molekane wa hae, ho tla lata tebeletso e diatleng tsa mosadi, empa a se ka a mmona.

21. Yaba o botsa batho ba motse, a re: Se kae seotswa se neng se le Enaime, pela mmila? Ba re: Ha ho a ka ha eba seotswa mona.

22. Yaba o kgutlela ho Juda, a re: Ha ke a ka ka mo fumana, mme banna ba motse ba bile ba mpolella, ba re: Ha ho seotswa mona.

23. Juda a re: A ipolokele, esere mohlomong re ka hlabiswa dihlong; kanthe potsanyane eo ke e rometse, mme ha o a ka wa mo fumana.

Genese 38