Genese 37:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. A lora toro e nngwe hape, a e bolella banababo, a re: Bonang, ke boetse ke lorile toro: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di inama pela ka.

10. A bolella ntatae le banababo; yaba ntatae o a mo kgalemela, a re ho yena: Keng toro eo o e lorileng? Hleka ruri nna, le mmao, le banabeno, re tla tla, re inamele fatshe pela hao na?

11. Banababo ba mo honohela, empa ntatae a nahana taba eo.

12. Banababo ba tsamaya ho ya alosetsa dinku tsa ntata bona Sikeme.

13. Yaba Iseraele o re ho Josefa: Ha ke re, banabeno ba alositse Sikeme? Tloo, ke o romele ho bona. A re ho yena: Ke nna enwa.

14. Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.

15. Motho a mo fumana, a bona a ntse a phaila naheng, mme motho eo a mmotsa, a re: O batlang?

16. A re: Ke batla banabeso, ako mpolelle moo ba aloseditseng teng.

17. Motho eo a re: Ba se ba tlohile mona, hobane ke ba utlwile ba re: A re yeng Dothane. Yaba Josefa o latela banababo, a ba fihlela Dothane.

18. Yare ha ba mmona a sa le hole, a eso ho atamele, ba mo rera ho mmolaya.

19. Ba bolellana, ba re: Bonang raditoro, ke yane ya tlang!

Genese 37