Genese 37:6-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. A re ho bona: A le keng le mamele toro ena eo ke e lorileng.

7. Ke lorile re tlama mangata masimong, mme ka bona mangata a lona a teela ngata ya ka hare, a inama pela yona.

8. Yaba banababo ba re ho yena: Hleka o re, o tla rena hodima rona na? kapa o tla fela o re buse na? Ba eketsa ho mo hloya ka baka la ditoro tsa hae, le ka baka la dipolelo tsa hae.

9. A lora toro e nngwe hape, a e bolella banababo, a re: Bonang, ke boetse ke lorile toro: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di inama pela ka.

10. A bolella ntatae le banababo; yaba ntatae o a mo kgalemela, a re ho yena: Keng toro eo o e lorileng? Hleka ruri nna, le mmao, le banabeno, re tla tla, re inamele fatshe pela hao na?

Genese 37