Genese 37:25-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Yaba ba dula ho ja bohobe. Yare ha ba emisa mahlo a bona, ba bona sehlopha sa Baishmaele se etswa Gileade, dikamele tsa bona di belesitse dinoko, le balsame, le mirra, ba tsamaya, ba di isa Egepeta.

26. Juda a re ho banababo: Na re tla ruang, leha re ka bolaya ngwanabo rona, ra peta madi a hae na?

27. Tloong, re mo rekiseng ho Baishmaele, re tle re se ke ra isa matsoho a rona hodima hae, hobane ke ngwanabo rona, nama ya rona. Banababo ba mo dumela.

28. Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.

29. Yare ha Rubene a kgutlela lemeneng, a fumana Josefa a le siyo ka lemeneng, mme a hahola diaparo tsa hae,

30. a boela ho banababo, a re: Ngwana ha a sa le yo, mme nna ke tla leba kae na?

31. Yaba ba nka seaparo sa Josefa, ba hlaba phorohlwana ya podi, ba qopetsa seaparo mading;

32. Ba romela seaparo se mebalabala, ba se isa ho ntata bona, ba re: Re fumane ntho ena; ako e tsebe hore na ke seaparo sa mora hao, kapa ha se sona?

33. A se tseba, a re: Seaparo sa mora ka! Selalome se mo jele; jo! Josefa o harotswe, o harotswe!

34. Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.

35. Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.

36. Bamidiane ba mo rekisa Egepeta ho Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi.

Genese 37