13. Yaba Iseraele o re ho Josefa: Ha ke re, banabeno ba alositse Sikeme? Tloo, ke o romele ho bona. A re ho yena: Ke nna enwa.
14. Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.
15. Motho a mo fumana, a bona a ntse a phaila naheng, mme motho eo a mmotsa, a re: O batlang?
16. A re: Ke batla banabeso, ako mpolelle moo ba aloseditseng teng.
17. Motho eo a re: Ba se ba tlohile mona, hobane ke ba utlwile ba re: A re yeng Dothane. Yaba Josefa o latela banababo, a ba fihlela Dothane.
18. Yare ha ba mmona a sa le hole, a eso ho atamele, ba mo rera ho mmolaya.
19. Ba bolellana, ba re: Bonang raditoro, ke yane ya tlang!
20. Tloong jwale, re mmolayeng, re mo diheleng lemeneng le leng, re tle re re: O rusolotswe ke selalome; re bone hore ditoro tsa hae di tla fella kae.
21. Empa Rubene a ba utlwa, mme a mo namolela diatleng tsa bona, a re: Re se keng ra ama bophelo ba hae.
22. Rubene a ba a re ho bona: Se tsholleng madi, le mpe le mo diheleng lemeneng lena le nahathothe, le se ke la bea letsoho hodima hae. A rialo hore a tle a mo namolele matsohong a bona, a mmusetse ho ntatae.
23. Yare ha Josefa a fihla ho banababo, ba hlobodisa Josefa seaparo sa hae, seaparo se mebalabala seo a se apereng;
24. ba mo nka, ba mo dihela lemeneng; mme lemena leo le ne le le feela, le se na metsi.
25. Yaba ba dula ho ja bohobe. Yare ha ba emisa mahlo a bona, ba bona sehlopha sa Baishmaele se etswa Gileade, dikamele tsa bona di belesitse dinoko, le balsame, le mirra, ba tsamaya, ba di isa Egepeta.
26. Juda a re ho banababo: Na re tla ruang, leha re ka bolaya ngwanabo rona, ra peta madi a hae na?
27. Tloong, re mo rekiseng ho Baishmaele, re tle re se ke ra isa matsoho a rona hodima hae, hobane ke ngwanabo rona, nama ya rona. Banababo ba mo dumela.