Genese 37:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jakobo a nna a aha naheng eo ntatae a neng a jakile ho yona, naha ya Kanana.

2. Meloko ya Jakobo ke ena: Josefa o ne a le dilemo tse leshome le metso e supileng; o ne a ntse a alosa dinku le banababo, mme mohlankanyana eo o ne a tsamaya le bara ba Bilha le bara ba Silpa, basadi ba ntatae; empa Josefa o ne a ntse a sebela ntata bona ditaba tse mpe tsa bona.

3. Iseraele o ne a rata Josefa ho fetisa bana ba hae kaofela, kahobane e le mora wa botsofadi ba hae, mme a mo etsetsa seaparo se mebalabala.

4. Eitse ha banababo ba bona hoba ntata bona o mo rata ho fetisa banababo kaofela, ba mo hloya, ba sitwa ho bua le yena ka kgotso.

5. Josefa a lora toro, a e bolella banababo; yaba ba eketsa ho mo hloya.

Genese 37