38. Saule a shwa, mme kamora hae ha busa Baale-Hanane, mora Akbore.
39. Baale-Hanane, mora Akbore, a shwa, mme kamora hae ha busa Hadare, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Pau, lebitso la mosadi wa hae e le Mehethabeele, moradi wa Mathrede, moradi wa Mesahabe.
40. Mabitso a mahosana a tswileng ho Esau ka mefuta ya wona, ka metse ya wona, ka mabitso a wona, ke ana: Kgosana Thimna, kgosana Alva, kgosana Jethethe,
41. kgosana Oholibama, kgosana Ela, kgosana Pinone,
42. kgosana Kenase, kgosana Themane, kgosana Mibtsare,
43. kgosana Magdiele, kgosana Irame. Ke wona mahosana a Baedomo ka dinaha tsa ona lefatsheng leo ba le ruileng. O jwalo Esau, ntata Baedomo.