26. Bara ba Dishone ke bana: Hemdane le Eshbane, le Jithrane, le Kerane.
27. Bara ba Etsere ke bana: Bilhane, le Saavane, le Akane.
28. Bara ba Dishane ke bana: Utse le Arane.
29. Mahosana a Bahore ke ana: Ke kgosana Lothane, le kgosana Shobale, le kgosana Tsibeone, le kgosana Ana,
30. le kgosana Dishone, le kgosana Etsere, le kgosana Dishane. Ke wona mahosana a Bahore, mahosana a bona naheng ya Seire.
31. Ke ana marena a busitseng naheng ya Edomo ho eso ho buse morena ho bana ba Iseraele.
32. Naheng ya Edomo ha busa Bela, mora Beore, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Dinhaba.
33. Bela a shwa, mme kamorao ho yena ha busa Jobabe, mora Sera wa Botsra.
34. Jobabe a shwa, mme kamora hae ha busa Hushame wa naha ya Bathemane.
35. Hushame a shwa, mme kamora hae ha busa Hadade, mora Bedade, ya kileng a hlola Bamidiane, naheng ya Moabe; mme lebitso la motse wa hae e ne e le Avithe.