21. le Dishone, le Etsere, le Dishane. Ke wona mahosana a Bahore, bara ba Seire, naheng ya Edomo.
22. Bara ba Lothane ya eba Hori, le Hemame; kgaitsedi ya Lothane ya eba Thimna.
23. Bara ba Shobale ke bana: Alvane, le Manahathe, le Ebale, le Shefo, le Oname.
24. Bara ba Tsibeone ke bana: Aja, le Ana, ke yena Ana ya boneng didiba tse futhumetseng, lefeelleng, ha a ntse a disa diesele tsa Tsibeone, ntatae.
25. Bana ba Ana ke bana: Dishone le Oholibama, moradi wa Ana.
26. Bara ba Dishone ke bana: Hemdane le Eshbane, le Jithrane, le Kerane.
27. Bara ba Etsere ke bana: Bilhane, le Saavane, le Akane.