Genese 36:1-2-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1-2. Leloko la Esau, e leng yena Edomo, ke lena: Esau o ne a inkele basadi ba hae ho baradi ba Kanana: Ada, moradi wa Elone, Mohethe; le Oholibama, moradi wa Ana, moradi wa Tsibeone, Moheve;

3. le Basmathe, moradi wa Ishmaele, kgaitsedi ya Nebajothe.

4. Ada a tswalla Esau Elifase; Basmathe a tswala Reuele;

5. Oholibama a tswala Jeushe, le Jaelama, le Kore: bao ke bara ba Esau bao a ba tswaletsweng naheng ya Kanana.

6. Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, baradi ba hae, le batho kaofela ba ntlo ya hae, le mehlape ya hae, le dikgomo tsa hae kaofela, le letlotlo la hae lohle leo a le boneng naheng ya Kanana, mme a ya naheng esele, hole le Jakobo, moenae.

7. Hobane maruo a bona a ne a le maholo, a ba sitisa ho aha hammoho, mme naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e sa ba lekane ka baka la mehlape ya bona.

8. Yaba Esau o ya aha thabeng ya Seire. Esau ke yena Edomo.

9. Meloko ya Esau, ntata Baedomo, thabeng ya Seire, ke yona ena.

10. Mabitso a bara ba Esau ke ana: Elifase, mora Ada, mohatsa Esau; Reuele, mora Basmathe, mohatsa Esau;

11. bara ba Elifase ya eba Themane, le Omare, le Tsefo, le Gaethame, le Kenase.

12. Serethe sa Elifase, mora Esau, e ne e le Thimna, mme a tswalla Elifase Amaleke. Ke bona bara ba Ada, mosadi wa Esau.

13. Bara ba Reuele ke bana: Nahathe le Sera, Shamma le Missa. Bana ya eba bara ba Basmathe, mosadi wa Esau.

14. Bara ba Oholibama, mosadi wa Esau moradi wa Ana, moradi wa Tsibeone, ya eba bana: A tswalla Esau Jeushe le Jaelame, le Kore.

15. Mahosana a bara ba Esau ke ana: Ho bara ba Elifase, mora Esau wa letsibolo, ke kgosana Themane, le kgosana Omare, le kgosana Tsefo, le kgosana Kenase,

16. le kgosana Kore, le kgosana ya Gaethame, le kgosana Amaleke. Ke wona mahosana a Elifase naheng ya Edomo. Bao ke bara ba Ada.

17. Bara ba Reuele, mora Esau, ke bana: Ke kgosana Nahathe, le kgosana Sera, le kgosana Shamma, le kgosana Missa. Bao ke mahosana a Reuele naheng ya Edomo. Ke bona bara ba Basmathe, mosadi wa Esau.

Genese 36