17. Bara ba Reuele, mora Esau, ke bana: Ke kgosana Nahathe, le kgosana Sera, le kgosana Shamma, le kgosana Missa. Bao ke mahosana a Reuele naheng ya Edomo. Ke bona bara ba Basmathe, mosadi wa Esau.
18. Bara ba Oholibama, mosadi wa Esau, ke bana: Ke kgosana Jeushe, le kgosana Jaelame, le kgosana Kore. Bao ke mahosana a Oholibama, moradi wa Ana, mosadi wa Esau.
19. Bao ke bara ba Esau, e leng yena Edomo, le mahosana a bona ke ao.
20. Bara be Seire, Mohore, bao e neng e le baahi ba naha, ke bana: Lothane, le Shobale, le Tsibeone, le Ana,
21. le Dishone, le Etsere, le Dishane. Ke wona mahosana a Bahore, bara ba Seire, naheng ya Edomo.
22. Bara ba Lothane ya eba Hori, le Hemame; kgaitsedi ya Lothane ya eba Thimna.
23. Bara ba Shobale ke bana: Alvane, le Manahathe, le Ebale, le Shefo, le Oname.
24. Bara ba Tsibeone ke bana: Aja, le Ana, ke yena Ana ya boneng didiba tse futhumetseng, lefeelleng, ha a ntse a disa diesele tsa Tsibeone, ntatae.
25. Bana ba Ana ke bana: Dishone le Oholibama, moradi wa Ana.
26. Bara ba Dishone ke bana: Hemdane le Eshbane, le Jithrane, le Kerane.
27. Bara ba Etsere ke bana: Bilhane, le Saavane, le Akane.
28. Bara ba Dishane ke bana: Utse le Arane.
29. Mahosana a Bahore ke ana: Ke kgosana Lothane, le kgosana Shobale, le kgosana Tsibeone, le kgosana Ana,
30. le kgosana Dishone, le kgosana Etsere, le kgosana Dishane. Ke wona mahosana a Bahore, mahosana a bona naheng ya Seire.
31. Ke ana marena a busitseng naheng ya Edomo ho eso ho buse morena ho bana ba Iseraele.