5. Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.
6. Jakobo le batho bohle bao a nang le bona, ba fihla Luse, ke ho re Bethele, naheng ya Kanana,
7. a haha aletare teng; mme motse oo a o rea Ele-Bethele, (Modimo wa Bethele), kahobane ke moo Modimo o nong o iponahatse ho yena, mohla a balehelang moholwane wa hae.
8. Debora, mofepi wa Rebeka, a shwa, mme a patwa katlase ho Bethele, tlasa sefate sa eike, mme a se rea lebitso la Allone-Bakuthe (eike ya dillo).
9. Modimo wa boela wa iponahatsa ho Jakobo a se a kgutlile Paddan-Arame, wa mo hlohonolofatsa.
10. Mme Modimo wa re ho yena: Lebitso la hao o Jakobo, kajeno lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa lebitso la hao e tla ba Iseraele. Mme wa mo rea lebitso la Iseraele.
11. Modimo wa re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Ata, o ngatafale; setjhaba le letshwele la ditjhaba di tla tswa ho wena, mme marena a tla tswa lethekeng la hao.
12. Le naha eo ke e neileng Abrahama le Isaaka, ke tla o nea yona; le ditloholo tsa hao tse kamora hao, ke tla di nea naha ena.