Genese 35:14-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Yaba Jakobo o emisa sefika nqalong eo o buileng le yena ho yona, sefika sa majwe, mme a tshela nyehelo e nowang hodima sona, a ba a tshela le ole ho sona.

15. Mme Jakobo a rea nqalo eo Modimo o buileng le yena ho yona lebitso la Bethele.

16. Yaba ba tloha Bethele, mme yare ho sa ntse ho le sebakanyana ho ya fihla Efrata, Ragele a itshihlolla, mme a ba le pelehi e thata.

17. Yare ha pelehi ya hae e le thata, mmelehisi a re ho yena: Se tshohe, hobane o boetse o tlelwa ke mora.

18. Yare ha a neela moya, a se a eshwa, a mo rea lebitso la Benoni (mora wa bohloko ba ka); empa ntatae a mo rea la Benjamine (mora wa le letona la ka).

19. Ragele a shwa jwalo, mme a epelwa tseleng e yang Efrata, e leng yena Bethlehema.

20. Jakobo a haha sefika hodima lebitla la hae; ke sona sefika sa lebitla la Ragele le kajeno.

21. Iseraele a tswela pele, a hloma tente ya hae kapele ho Migdale-Edere.

22. Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.

23. Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.

24. Bara ba Ragele ke Josefa le Benjamine.

25. Bara ba Bilha, lekgabunyane le Ragele, ke Dane, le Nefthali.

26. Bara ba Silpa, lekgabunyane la Lea, ke Gade, le Asere. Ke bona bara ba Jakobo bao a ba tswaletsweng Paddan-Arame.

Genese 35