Genese 35:1-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Modimo wa re ho Jakobo: Raoha, o ye Bethele, o ahelle teng, o etse teng aletare ho Modimo o iponahaditseng ho wena mohla o balehelang Esau, moholwane wa hao.

2. Yaba Jakobo o re ho ba ntlo ya hae, le ho bohle ba neng ba na le yena: Lahlang medimo esele e hara lona; le itlhatswe, le apare diaparo disele.

3. Re ntoo tloha, re ye Bethele, ke tswe ke etsa teng aletare ho Modimo o nkarabileng mohla ke leng tsietsing, mme wa eba le nna tseleng eo ke e tsamaileng.

4. Yaba ba nea Jakobo medimo yohle esele e diatleng tsa bona, le masale a ditsebeng tsa bona; Jakobo a di epela tlasa sefate sa eike se pela Sikeme.

5. Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.

6. Jakobo le batho bohle bao a nang le bona, ba fihla Luse, ke ho re Bethele, naheng ya Kanana,

7. a haha aletare teng; mme motse oo a o rea Ele-Bethele, (Modimo wa Bethele), kahobane ke moo Modimo o nong o iponahatse ho yena, mohla a balehelang moholwane wa hae.

8. Debora, mofepi wa Rebeka, a shwa, mme a patwa katlase ho Bethele, tlasa sefate sa eike, mme a se rea lebitso la Allone-Bakuthe (eike ya dillo).

9. Modimo wa boela wa iponahatsa ho Jakobo a se a kgutlile Paddan-Arame, wa mo hlohonolofatsa.

10. Mme Modimo wa re ho yena: Lebitso la hao o Jakobo, kajeno lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa lebitso la hao e tla ba Iseraele. Mme wa mo rea lebitso la Iseraele.

11. Modimo wa re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Ata, o ngatafale; setjhaba le letshwele la ditjhaba di tla tswa ho wena, mme marena a tla tswa lethekeng la hao.

12. Le naha eo ke e neileng Abrahama le Isaaka, ke tla o nea yona; le ditloholo tsa hao tse kamora hao, ke tla di nea naha ena.

13. Yaba Modimo o a nyoloha, wa tloha ho yena nqalong eo o buileng le yena ho yona.

14. Yaba Jakobo o emisa sefika nqalong eo o buileng le yena ho yona, sefika sa majwe, mme a tshela nyehelo e nowang hodima sona, a ba a tshela le ole ho sona.

15. Mme Jakobo a rea nqalo eo Modimo o buileng le yena ho yona lebitso la Bethele.

16. Yaba ba tloha Bethele, mme yare ho sa ntse ho le sebakanyana ho ya fihla Efrata, Ragele a itshihlolla, mme a ba le pelehi e thata.

Genese 35