Genese 34:5-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Jakobo o ne a utlwile hobane o sentse Dina, moradi wa hae; empa bara ba hae ba ne ba le naheng le mehlape; mme Jakobo a ikgutsetsa ho fihlela ha ba oroha.

6. Yaba Hamore, ntata Sikeme, o ya ho Jakobo, ho ya bua le yena.

7. Bara ba Jakobo, eitse ha ba utlwa taba tsena ba etswa naheng, banna bao ba tlalwa ke dipelo, ba halefa hampe, kahobane Sikeme a entse manyala ho Iseraele, a robetse le moradi wa Jakobo, a entse taba e se tshwanelang ho etswa.

8. Yaba Hamore o bua le bona, a re: Pelo ya mora wa ka Sikeme e kgomaretse moradi wa lona; a le keng le mo nee yena, e be mosadi wa hae.

9. Le nyallaneng le rona, le re nee baradi ba lona, mme le inkele baradi ba rona.

10. Le aheng le rona, naha ke eo e pela lona; ahang le rona, le hwebe, le be barui ho yona.

11. Sikeme a re ho ntata morwetsana le ho bokgaitsedie: A nke ke fumane mohau mahlong a lona, mme ke tla le nea seo le ka mpolellang sona;

12. mpalleng thepa ya bohadi leha e ka ba kgolo, kapa dimpho, mme ke tla le nea kamoo le mpolellang kateng; empa le nnee morwetsana, e be mosadi wa ka.

13. Bara ba Jakobo ba araba Sikeme le Hamore, ntatae, ba bua ka mano, kahobane o ne a sentse Dina, kgaitsedi ya bona,

14. ba re ho bona: Re ka sitwa ho etsa taba ena, ra nea motho ya sa bollang kgaitsedi ya rona; e ka ba sekgobo ho rona.

15. Feela moo re ka le dumellang, ke ha le eba jwaloka rona, mme e mong le e mong e motona ho lona, a bolotswe;

16. ke hona re ka le neang baradi ba rona, ra inkela baradi ba lona, ra aha le lona, ra ba setjhaba se le seng.

17. Empa ha le sa dumele ho bolla, re tla nka moradi wa rona, re ikele.

18. Polelo tsa bona tsa kgahlisa Hamore le Sikeme, mora wa Hamore.

19. Mohlankana ha a ka a tswafa ho etsa taba eo, kahobane a ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo; e ne e le yena ya hlomphehang ho fetisisa ho ba ntlo ya ntatae kaofela.

20. Yaba Hamore le Sikeme, mora hae, ba ya kgorong ya motse wa bona, ba bua le batho ba motse wa bona, ba re:

21. Batho bana ba dutse ka kgotso le rona; eka ba ka dula naheng ena, ba hweba teng, etswe naha e le ena e phatlaletse ho ba lekana le bona; re tla inkela baradi ba bona e be basadi ba rona, mme re tla ba nea baradi ba rona.

Genese 34