Genese 34:16-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. ke hona re ka le neang baradi ba rona, ra inkela baradi ba lona, ra aha le lona, ra ba setjhaba se le seng.

17. Empa ha le sa dumele ho bolla, re tla nka moradi wa rona, re ikele.

18. Polelo tsa bona tsa kgahlisa Hamore le Sikeme, mora wa Hamore.

19. Mohlankana ha a ka a tswafa ho etsa taba eo, kahobane a ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo; e ne e le yena ya hlomphehang ho fetisisa ho ba ntlo ya ntatae kaofela.

20. Yaba Hamore le Sikeme, mora hae, ba ya kgorong ya motse wa bona, ba bua le batho ba motse wa bona, ba re:

21. Batho bana ba dutse ka kgotso le rona; eka ba ka dula naheng ena, ba hweba teng, etswe naha e le ena e phatlaletse ho ba lekana le bona; re tla inkela baradi ba bona e be basadi ba rona, mme re tla ba nea baradi ba rona.

22. Feela, moo banna bana ba ka re dumellang ba aha le rona, ya eba setjhaba se le seng le rona, ke ha ba batona bohle ba ho rona ba ka bolla, jwalokaha bona ba bolotse.

23. Mehlape ya bona, le maruo a bona, le makgomo a bona kaofela, na ha di yo ba tsa rona na? Feela, re ba dumele, ba ahe le rona.

24. Yaba bohle ba tswang ka kgoro ya motse ba mamela Hamore le Sikeme, mora hae; ba batona kaofela ba bolla, e leng bohle ba neng ba tswa kgorong ya motse.

25. Yare ka tsatsi la boraro ha ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, kgaitsedi tsa Dina, ba nka e mong le e mong lerumo la hae, ba ya, motse o iketlile, ba hlaba ba batona kaofela.

26. Ba bolaya le Hamore le Sikeme, mora hae, ka bohale ba lerumo, ba nka Dina ka tlung ya Sikeme, ba itswela.

27. Yaba bara ba Jakobo ba tla ho ba bolailweng, mme ba phahla motse, kahobane kgaitsedi ya bona a ne a sentswe.

28. Ba hapa manku a bona, le makgomo a bona, le diesele tsa bona, se neng se le motseng le se neng se le naheng.

Genese 34