1. Dina, moradi wa Lea, eo a mo tswaletseng, Jakobo, a tswa ho tjhakela barwetsana ba naha eo.
2. Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.
3. Pelo ya hae ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo, a rata morwetsana, mme a buisa pelo ya morwetsana.
4. Jwale Sikeme a bua le Hamore, ntatae, a re: Nkopele morwetsana enwa, e tle e be mosadi wa ka.
5. Jakobo o ne a utlwile hobane o sentse Dina, moradi wa hae; empa bara ba hae ba ne ba le naheng le mehlape; mme Jakobo a ikgutsetsa ho fihlela ha ba oroha.
6. Yaba Hamore, ntata Sikeme, o ya ho Jakobo, ho ya bua le yena.
7. Bara ba Jakobo, eitse ha ba utlwa taba tsena ba etswa naheng, banna bao ba tlalwa ke dipelo, ba halefa hampe, kahobane Sikeme a entse manyala ho Iseraele, a robetse le moradi wa Jakobo, a entse taba e se tshwanelang ho etswa.
8. Yaba Hamore o bua le bona, a re: Pelo ya mora wa ka Sikeme e kgomaretse moradi wa lona; a le keng le mo nee yena, e be mosadi wa hae.
9. Le nyallaneng le rona, le re nee baradi ba lona, mme le inkele baradi ba rona.
10. Le aheng le rona, naha ke eo e pela lona; ahang le rona, le hwebe, le be barui ho yona.
11. Sikeme a re ho ntata morwetsana le ho bokgaitsedie: A nke ke fumane mohau mahlong a lona, mme ke tla le nea seo le ka mpolellang sona;
12. mpalleng thepa ya bohadi leha e ka ba kgolo, kapa dimpho, mme ke tla le nea kamoo le mpolellang kateng; empa le nnee morwetsana, e be mosadi wa ka.
13. Bara ba Jakobo ba araba Sikeme le Hamore, ntatae, ba bua ka mano, kahobane o ne a sentse Dina, kgaitsedi ya bona,