Genese 33:7-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Lea le yena a atamela le bana ba hae, ba inama; kamorao ha tla Josefa le Ragele, ba inama.

8. A re: O hopotseng ka mehlape eo yohle eo ke kgahlaneng le yona? A re: Ke hore ke fumane mohau mahlong a hao, morenaka.

9. Esau a re: Ke se ke na le tse ngata, ngwaneso; tsa hao e be tsa hao!

10. Yaba Jakobo o re: Tjhe bo, ke a o rapela, ha ke fela ke fumane mohau mahlong a hao, ako amohele nyehelo ya ka letsohong la ka, etswe ke tadimile sefahleho sa hao, jwalokaha motho a tadima sefahleho sa Modimo, mme wa nthabela.

11. Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.

12. Esau a re: A re tloheng, re tsamaye, mme ke tla o etella pele.

13. Jakobo a re ho yena: Morenaka, o a tseba hobane bana ba sa ntse ba fokola, mme ke na le dinku le dikgomo tse anyesang; ekare ha di ka potlakiswa ka letsatsi le le leng, mohlape kaofela o ka shwa.

14. Morenaka a ke a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla qhobaqhoba butlenyane ka ho lekanya maoto a dintho tse pela ka, le maoto a bana, ke be ke finyelle Seire ho morenaka.

15. Esau a re: A nke ke o siele batho ba bang bao ke nang le bona. Yaba o re: Ke haele ka baka lang? A ke mpe ke fumane mohau mahlong a morenaka!

16. Yaba Esau o kgutla ka tsela ya hae ka lona tsatsi leo, a ya Seire.

17. Jakobo a ya Sukkothe, a ikgahela ntlo, mme mehlape ya hae a e etsetsa metlotlwane; ke ka baka leo motse oo o bitswang Sukkothe.

18. Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Sikeme, o leng naheng ya Kanana, a sa ntse a etswa Paddan-Arame; a hloma tente tsa hae pela motse.

Genese 33