14. Morenaka a ke a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla qhobaqhoba butlenyane ka ho lekanya maoto a dintho tse pela ka, le maoto a bana, ke be ke finyelle Seire ho morenaka.
15. Esau a re: A nke ke o siele batho ba bang bao ke nang le bona. Yaba o re: Ke haele ka baka lang? A ke mpe ke fumane mohau mahlong a morenaka!
16. Yaba Esau o kgutla ka tsela ya hae ka lona tsatsi leo, a ya Seire.
17. Jakobo a ya Sukkothe, a ikgahela ntlo, mme mehlape ya hae a e etsetsa metlotlwane; ke ka baka leo motse oo o bitswang Sukkothe.
18. Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Sikeme, o leng naheng ya Kanana, a sa ntse a etswa Paddan-Arame; a hloma tente tsa hae pela motse.
19. A reka sekoto sa naha, seo a hlomileng tente ya hae ho sona, ho bana ba Hamore, ntata Sikeme, ka dikesita tse lekgolo.
20. A haha aletare teng, a e rea El-Elohe-Iseraele (Modimo ke Modimo wa Iseraele)