Genese 32:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Jakobo a re: Modimo wa ntate Abrahama, Modimo wa ntate Isaaka, Jehova ya itseng ho nna: Boela fatsheng la heno, le ho baheno, mme ke tla o etsa hantle!

10. ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.

11. Oho, o ntwele letsohong la moholwane wa ka, letsohong la Esau, hobane ke a mo tshaba, hoba a ka tla a mpolaya, le mma bana le bana.

12. Kanthe wa na wa re: Ruri ke tla o etsa hantle, mme ke tla atisa ditloholo tsa hao, di be ka ka lehlabathe la lewatle le sitwang ho balwa ka baka la bongata ba lona.

13. A hlola teng bosiu boo, mme a nka ho tse leng diatleng tsa hae ho nyehella Esau, moholwane wa hae:

14. dipodi tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi, dinku tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi:

15. dikamele tsa ditswetse tse mashome a mararo le dikamelana tsa tsona, dikgomo tse mashome a mane le dipoho tse leshome, diesele tse tshehadi tse mashome a mabedi le dieselana tse leshome.

16. A di nea bahlanka ba hae, mohlape o mong le o mong wa ya ka bonngwe; mme a re ho bahlanka ba hae: Nketelleng pele, mme le bee sebaka hara mohlape o mong le o mong.

17. A laela wa pele, a re: Etlere ha moholwane wa ka, Esau, a kgahlana le wena, mme a o botsa, a re: O wa mang? mme o ya kae? tse ka pele ho wena ke tsa mang?

18. o tle o re: Ke tsa mohlanka wa hao Jakobo, ke nyehelo e iswang ho Esau, morena wa ka, mme le yena ke enwa ya tlang kamora rona.

19. Le wa bobedi a mo laela jwalo, le wa boraro, le bohle ba neng ba qhoba mehlape, a re: Le tle le bue ka hore hoitseng le Esau, ha le kgahlana le yena;

20. le re: Mohlanka wa hao Jakobo ke enwa ya tlang kamora rona. Hobane o ne o re: Ke tla mo thethefatsa ka nyehelo e nketellang pele, ke ntoo bona sefahleho sa hae; ekaba o tla nkamohela.

21. Yaba nyehelo e mo etella pele, mme yena a sala le thoto ka bosiu boo.

Genese 32