Genese 32:20-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. le re: Mohlanka wa hao Jakobo ke enwa ya tlang kamora rona. Hobane o ne o re: Ke tla mo thethefatsa ka nyehelo e nketellang pele, ke ntoo bona sefahleho sa hae; ekaba o tla nkamohela.

21. Yaba nyehelo e mo etella pele, mme yena a sala le thoto ka bosiu boo.

22. A tsoha bosiung boo, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela lediboho la Jabboke.

23. A ba nka, a ba tshedisa noka, a tshedisa le tseo a nang le tsona.

24. Yaba Jakobo o sala a nnotshi, mme motho a betana le yena ho isa mafube ha a hlaha.

25. Eitse ha a bona hoba o sitwa ho mo hlola, a ama motso wa noka ya hae, yaba motso wa noka ya Jakobo o a nonyetseha, a sa ntse a betana le yena.

26. Yaba o re: Ntese ke ye, hobane mafube a hlahile. A mpa a re: Ha nka ke ka o lesa wa ya, o eso ho ntlhohonolofatse.

27. A re ho yena: Lebitso la hao o mang? A re: Ke Jakobo.

28. A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.

29. Jakobo a mmotsa, a re: Ako mpolelle hle lebitso la hao. Yaba o re: Ke ka baka lang ha o mpotsa lebitso la ka? A mo hlohonolofatsa moo.

30. Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.

31. Letsatsi la mo tjhabela, ha a re o feta Peniele, mme a hlotsa noka ya hae.

32. Ka baka lena, bana ba Iseraele ha ba je potongwane e motsong wa noka, hobane o ne a ame motso wa noka ya Jakobo potongwaneng.

Genese 32