14. dipodi tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi, dinku tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi:
15. dikamele tsa ditswetse tse mashome a mararo le dikamelana tsa tsona, dikgomo tse mashome a mane le dipoho tse leshome, diesele tse tshehadi tse mashome a mabedi le dieselana tse leshome.
16. A di nea bahlanka ba hae, mohlape o mong le o mong wa ya ka bonngwe; mme a re ho bahlanka ba hae: Nketelleng pele, mme le bee sebaka hara mohlape o mong le o mong.
17. A laela wa pele, a re: Etlere ha moholwane wa ka, Esau, a kgahlana le wena, mme a o botsa, a re: O wa mang? mme o ya kae? tse ka pele ho wena ke tsa mang?
18. o tle o re: Ke tsa mohlanka wa hao Jakobo, ke nyehelo e iswang ho Esau, morena wa ka, mme le yena ke enwa ya tlang kamora rona.
19. Le wa bobedi a mo laela jwalo, le wa boraro, le bohle ba neng ba qhoba mehlape, a re: Le tle le bue ka hore hoitseng le Esau, ha le kgahlana le yena;
20. le re: Mohlanka wa hao Jakobo ke enwa ya tlang kamora rona. Hobane o ne o re: Ke tla mo thethefatsa ka nyehelo e nketellang pele, ke ntoo bona sefahleho sa hae; ekaba o tla nkamohela.
21. Yaba nyehelo e mo etella pele, mme yena a sala le thoto ka bosiu boo.
22. A tsoha bosiung boo, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela lediboho la Jabboke.
23. A ba nka, a ba tshedisa noka, a tshedisa le tseo a nang le tsona.
24. Yaba Jakobo o sala a nnotshi, mme motho a betana le yena ho isa mafube ha a hlaha.
25. Eitse ha a bona hoba o sitwa ho mo hlola, a ama motso wa noka ya hae, yaba motso wa noka ya Jakobo o a nonyetseha, a sa ntse a betana le yena.
26. Yaba o re: Ntese ke ye, hobane mafube a hlahile. A mpa a re: Ha nka ke ka o lesa wa ya, o eso ho ntlhohonolofatse.