1. Jakobo a ikela ka tsela ya hae, mme mangeloi a Modimo a mo kgahlanyetsa.
2. Eitse ha Jakobo a a bona, a re: Ana ke makgotla a Modimo! Mme nqalo eo a e rea lebitso la Mahanaime (makgotla a mabedi).
3. Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;
4. a a laela, a re: Le tle le re ho Esau, morenaka: Jakobo, mohlanka wa hao, o re: Ke ne ke jakile ho Labane, ka dula teng ho fihlela jwale;
5. ke bone dikgomo, le diesele, le dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke romela ho tsebisa morena ka, hore ke tle ke fumane mohau mahlong a hao.
6. Manqosa a boela ho Jakobo, a re: Re ile ra fihla ho moholwane wa hao, ho Esau, mme o bile o a tla ho o kgahlanyetsa a na le batho ba makgolo a mane le yena.
7. Yaba Jakobo o tshoha haholo, a tsieleha, a arola batho bao a nang le bona, le manku le makgomo, le dikamele, a etsa dihlopha di le pedi.
8. A re: Ekare ha Esau a etla ho sehlopha se seng, a se qhala, sehlopha se salang se tla tlola.
9. Jakobo a re: Modimo wa ntate Abrahama, Modimo wa ntate Isaaka, Jehova ya itseng ho nna: Boela fatsheng la heno, le ho baheno, mme ke tla o etsa hantle!
10. ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.
11. Oho, o ntwele letsohong la moholwane wa ka, letsohong la Esau, hobane ke a mo tshaba, hoba a ka tla a mpolaya, le mma bana le bana.
12. Kanthe wa na wa re: Ruri ke tla o etsa hantle, mme ke tla atisa ditloholo tsa hao, di be ka ka lehlabathe la lewatle le sitwang ho balwa ka baka la bongata ba lona.
13. A hlola teng bosiu boo, mme a nka ho tse leng diatleng tsa hae ho nyehella Esau, moholwane wa hae:
14. dipodi tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi, dinku tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi:
15. dikamele tsa ditswetse tse mashome a mararo le dikamelana tsa tsona, dikgomo tse mashome a mane le dipoho tse leshome, diesele tse tshehadi tse mashome a mabedi le dieselana tse leshome.
16. A di nea bahlanka ba hae, mohlape o mong le o mong wa ya ka bonngwe; mme a re ho bahlanka ba hae: Nketelleng pele, mme le bee sebaka hara mohlape o mong le o mong.