Genese 31:42-55 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

42. Hojane Modimo wa ntate, Modimo wa Abrahama, o tshajwang ke Isaaka, o se ke wa eba le nna, o ka be o nkgutlisitse ke le feela. Modimo o bone ho hloreha ha ka, le ho kgathala ha diatla tsa ka, mme o o kgalemetse maobane.

43. Labane a fetola Jakobo, a re: Baradi bana ke baradi ba ka, mme bara bana ke bara ba ka, mehlape ena ke mehlape ya ka, mme tsohle tseo o di bonang ke tsa ka; nka etsang kajeno lena ho baradi ba a ba ka, le ho bara bao ba ba tswetseng?

44. Tloo he jwale, re hlabe selekane, nna le wena, e be bopaki pakeng tsa ka le wena.

45. Yaba Jakobo o nka lejwe, a le emisa hore e be sefika.

46. Jakobo a re ho banababo: Bokellang majwe. Ba nka majwe, ba etsa mokolokotwane, mme ba jela teng hodima mokolokotwane.

47. Labane a o rea Jegare-Sahadutha (mokolokotwane wa bopaki), Jakobo a o rea Galede (mokolokotwane wa bopaki).

48. Yaba Labane o re: Mokolokotwane ona e be paki mahareng a ka le wena kajeno. Ke ka baka leo lebitso la wona ho thweng ke Galede,

49. leha e le Mitspe (nqalo ya ho lebela), kahobane a re: Jehova a lebele pakeng tsa ka le wena ha re se re sa bonane,

50. hore, ha o ka hlokofatsa baradi ba ka, kapa o ka nka basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, hase motho ya tla ba le rona; o iponele, Modimo ke wona o tla ba paki ho nna le wena.

51. Labane a boela a re ho Jakobo: Mokolokotwane ke ona, mme sefika ke sena seo ke se hahileng pakeng tsa ka le wena.

52. Mokolokotwane ona e be paki, le sefika sena e be paki tsa hobane, nna, ha nka ke ka feta mokolokotwane ona ho ya ho wena, le hoba wena, ha o ka ke wa feta mokolokotwane ona, le sefika sena ho tla ho nna ka taba tse mpe.

53. Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Nakore, Modimo wa bontata bona o re ahlolele. Yaba le Jakobo o hlapanya ka ya tshajwang ke Isaaka, ntatae.

54. Jakobo a hlaba sehlabelo thabeng, a bitsa bahabo ho tla ja bohobe; yaba ba ja bohobe, ba robala thabeng.

55. Hosasa Labane a tsoha, a aka bara ba hae le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa. Yaba Labane o tloha, a kgutlela ha habo.

Genese 31