Genese 31:38-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

38. Ke dutse ho wena ka dilemo tsena tse mashome a mabedi; dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, le dipheleu tsa mohlape wa hao ha ke a ka ka di ja.

39. Ha ke a ka ka o tlisetsa tse harotsweng; ke nna ke senyehetsweng ke tsona; o batlile diatleng tsa ka tse utswitsweng motshehare, le tse utswitsweng bosiu.

40. Ka etsa jwalo, ke qetwa ke letsatsi motshehare, le ke serame bosiu, boroko bo le siyo mahlong a ka.

41. Dilemo tsa ka di mashome a mabedi tseo ke o sebeleditseng ka tsona ka tlung ya hao; dilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa baradi ba hao ba babedi, le dilemo tse tsheletseng bakeng sa mehlape ya hao; mme o fetotse moputso wa ka haleshome.

42. Hojane Modimo wa ntate, Modimo wa Abrahama, o tshajwang ke Isaaka, o se ke wa eba le nna, o ka be o nkgutlisitse ke le feela. Modimo o bone ho hloreha ha ka, le ho kgathala ha diatla tsa ka, mme o o kgalemetse maobane.

43. Labane a fetola Jakobo, a re: Baradi bana ke baradi ba ka, mme bara bana ke bara ba ka, mehlape ena ke mehlape ya ka, mme tsohle tseo o di bonang ke tsa ka; nka etsang kajeno lena ho baradi ba a ba ka, le ho bara bao ba ba tswetseng?

44. Tloo he jwale, re hlabe selekane, nna le wena, e be bopaki pakeng tsa ka le wena.

45. Yaba Jakobo o nka lejwe, a le emisa hore e be sefika.

46. Jakobo a re ho banababo: Bokellang majwe. Ba nka majwe, ba etsa mokolokotwane, mme ba jela teng hodima mokolokotwane.

47. Labane a o rea Jegare-Sahadutha (mokolokotwane wa bopaki), Jakobo a o rea Galede (mokolokotwane wa bopaki).

48. Yaba Labane o re: Mokolokotwane ona e be paki mahareng a ka le wena kajeno. Ke ka baka leo lebitso la wona ho thweng ke Galede,

49. leha e le Mitspe (nqalo ya ho lebela), kahobane a re: Jehova a lebele pakeng tsa ka le wena ha re se re sa bonane,

50. hore, ha o ka hlokofatsa baradi ba ka, kapa o ka nka basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, hase motho ya tla ba le rona; o iponele, Modimo ke wona o tla ba paki ho nna le wena.

Genese 31