Genese 31:33-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Yaba Labane o kena tenteng ya Jakobo, le tenteng ya Lea, le ditenteng tsa makgabunyane a mabedi; empa a se ke a e fumana; yaba o tswa tenteng ya Lea, a kena tenteng ya Ragele.

34. Ragele o ne a nkile diterafime, a di kentse qhaneng ya kamele; o ne a dutse hodima tsona. Labane a batlisisa tente kahohle, a se ke a di fumana.

35. Yaba Ragele o re ho ntatae: Morena wa me a se ke a halefa, ha ke sitwa ho ema pela hao, hobane ke na le seo basadi ba nang le sona. A batla diterafime, a se ke a di bona.

36. Yaba Jakobo o halefa, a omanya Labane. Jakobo a fetola Labane, a re: Sebe sa ka ke sefe, mme molato wa ka ke ofe, oo o mphalletseng ka baka la wona na?

37. Ha o tswa fatakanya mesebetsi ya ka kaofela, ke efe ya mesebetsi yohle ya ntlo ya hao eo o e fumaneng na? E bee mona pela banabeso le banabeno, ba tle ba re ahlolele.

38. Ke dutse ho wena ka dilemo tsena tse mashome a mabedi; dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, le dipheleu tsa mohlape wa hao ha ke a ka ka di ja.

39. Ha ke a ka ka o tlisetsa tse harotsweng; ke nna ke senyehetsweng ke tsona; o batlile diatleng tsa ka tse utswitsweng motshehare, le tse utswitsweng bosiu.

40. Ka etsa jwalo, ke qetwa ke letsatsi motshehare, le ke serame bosiu, boroko bo le siyo mahlong a ka.

41. Dilemo tsa ka di mashome a mabedi tseo ke o sebeleditseng ka tsona ka tlung ya hao; dilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa baradi ba hao ba babedi, le dilemo tse tsheletseng bakeng sa mehlape ya hao; mme o fetotse moputso wa ka haleshome.

42. Hojane Modimo wa ntate, Modimo wa Abrahama, o tshajwang ke Isaaka, o se ke wa eba le nna, o ka be o nkgutlisitse ke le feela. Modimo o bone ho hloreha ha ka, le ho kgathala ha diatla tsa ka, mme o o kgalemetse maobane.

43. Labane a fetola Jakobo, a re: Baradi bana ke baradi ba ka, mme bara bana ke bara ba ka, mehlape ena ke mehlape ya ka, mme tsohle tseo o di bonang ke tsa ka; nka etsang kajeno lena ho baradi ba a ba ka, le ho bara bao ba ba tswetseng?

44. Tloo he jwale, re hlabe selekane, nna le wena, e be bopaki pakeng tsa ka le wena.

45. Yaba Jakobo o nka lejwe, a le emisa hore e be sefika.

46. Jakobo a re ho banababo: Bokellang majwe. Ba nka majwe, ba etsa mokolokotwane, mme ba jela teng hodima mokolokotwane.

47. Labane a o rea Jegare-Sahadutha (mokolokotwane wa bopaki), Jakobo a o rea Galede (mokolokotwane wa bopaki).

Genese 31