Genese 31:21-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. A thoba jwalo le tsohle tseo a nang le tsona; mme a tloha, a tshela noka, a leba thabeng ya Gileade.

22. Labane a tsebiswa ka tsatsi la boraro hoba Jakobo o thobile.

23. Yaba o nkana le banababo, a mo phallela, a tsamaya matsatsi a supileng, a mo fihlela thabeng ya Gileade.

24. Empa Modimo wa tla ho Labane, Moarame, torong ya bosiu, wa re ho yena: O itemohele, o se ke wa bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.

25. Yaba Labane o fihlela Jakobo. Jakobo o ne a hlomile tente ya hae thabeng, mme Labane le banababo le bona ba hloma thabeng ya Gileade.

26. Yaba Labane o re ho Jakobo: O entseng haele moo o thobile wa mphantsha, wa inkela baradi ba ka jwaloka hoja ba hapilwe ka thebe?

27. O balehile ka sephiring ka baka lang, wa ikutswa ho nna, o sa ka wa mpolella na? Athe nka be ke o kgutlisitse ka thabo, le ka dipina, le ka meropa, le ka dithomo.

28. Ha o a ka wa mpha sebaka sa ho aka bara ba ka le baradi ba ka. Jwale, o entse ka bothoto, ha o entse jwalo.

29. Ke na le matla a ho le etsa hampe, empa Modimo wa bontata lona o buile le nna maobane, wa re: O itemohele, esere o ka bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.

30. Empa, leha ho tsamayeng o tsamaile ka baka la hobane o hlolohetswe ntlo ya ntatao ka ho fetisisa, na o utsweditseng medimo ya ka na?

31. Jakobo a fetola, a re ho Labane: Ke hobane ke ne ke tshaba, ke re, ekaba o tla nkamoha baradi ba hao.

Genese 31