2. Jakobo a lemoha sefahleho sa Labane, a bona hobane ha se sa le bakeng sa hae jwaloka pele.
3. Jehova a re ho Jakobo: Kgutlela lefatsheng la bontatao le ho banabeno, mme ke tla ba le wena.
4. Yaba Jakobo o romela, a biletsa Ragele le Lea naheng, mehlapeng ya hae.
5. A re ho bona: Ke bone sefahleho sa ntata lona, hobane ha se sa le jwaloka pele bakeng sa ka, empa Modimo wa ntate o bile le nna.
6. Le a tseba hoba ke sebeleditse ntata lona ka matla a ka wohle,
7. empa ntata lona o nthetsitse, o fetotse moputso wa ka haleshome; leha ho le jwalo, Modimo ha o a ka wa mo dumella hore a nketse hampe.
8. Mohla a neng a re: Moputso wa hao e tla ba tse tshasana, mehlape kaofela e ne e tswala tse tshasana; mohla a reng: Tse thoboshana e tla ba moputso wa hao, eba dinku kaofela di ne di itswalla tse thoboshana.
9. Modimo o amohile ntata lona mehlape ya hae, o nneile yona.
10. Ya na ya re mohla dinku di itlhokisang, ka lelatsa mahlo a ka, ka tadima ke ntse ke lora, ka bona dipheleu tse hlokang dinku e le tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo.
11. Lengeloi la Modimo la re ho nna torong: Jakobo! Ka re: Ke nna enwa.
12. La re: Ako lelatse mahlo a hao, o bone hobane dipheleu kaofela tse hlokang dinku ke tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo; hobane ke bone tsohle tseo Labane a o entseng tsona.
13. Ke nna Modimo wa Bethele, moo o kileng wa tlotsa mokolokotwane, le moo o kileng wa nkanela ka kano. Raoha jwale, o tlohe naheng ena, o boele lefatsheng la ba heno.