19. Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.
20. Jakobo a thobela Labane Moarame jwalo, a se ke a mo tsebisa ha a tloha.
21. A thoba jwalo le tsohle tseo a nang le tsona; mme a tloha, a tshela noka, a leba thabeng ya Gileade.
22. Labane a tsebiswa ka tsatsi la boraro hoba Jakobo o thobile.
23. Yaba o nkana le banababo, a mo phallela, a tsamaya matsatsi a supileng, a mo fihlela thabeng ya Gileade.
24. Empa Modimo wa tla ho Labane, Moarame, torong ya bosiu, wa re ho yena: O itemohele, o se ke wa bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.
25. Yaba Labane o fihlela Jakobo. Jakobo o ne a hlomile tente ya hae thabeng, mme Labane le banababo le bona ba hloma thabeng ya Gileade.
26. Yaba Labane o re ho Jakobo: O entseng haele moo o thobile wa mphantsha, wa inkela baradi ba ka jwaloka hoja ba hapilwe ka thebe?
27. O balehile ka sephiring ka baka lang, wa ikutswa ho nna, o sa ka wa mpolella na? Athe nka be ke o kgutlisitse ka thabo, le ka dipina, le ka meropa, le ka dithomo.
28. Ha o a ka wa mpha sebaka sa ho aka bara ba ka le baradi ba ka. Jwale, o entse ka bothoto, ha o entse jwalo.
29. Ke na le matla a ho le etsa hampe, empa Modimo wa bontata lona o buile le nna maobane, wa re: O itemohele, esere o ka bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.