Genese 31:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ke nna Modimo wa Bethele, moo o kileng wa tlotsa mokolokotwane, le moo o kileng wa nkanela ka kano. Raoha jwale, o tlohe naheng ena, o boele lefatsheng la ba heno.

14. Yaba Ragele le Lea ba araba, ba re ho yena: Na re sa na le kabelo kapa lefa ka tlung ya ntata rona na?

15. Na ha a re tadime jwaloka baditjhaba na, a reka ka rona, a ba a ja tjhelete ya theko ya rona?

16. Hobane letlotlo lohle leo Modimo o le amohileng ntata rona, ke la rona le la bana ba rona; etsa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.

17. Yaba Jakobo o ema, a bea bana ba hae le basadi ba hae dikameleng.

18. A nka le mehlape ya hae kaofela, le maruo a hae kaofela, mehlape e neng e le ya hae eo a e ruileng Paddan-Arame, a tloha ho ya ho Isaaka, ntatae, lefatsheng la Kanana.

19. Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.

20. Jakobo a thobela Labane Moarame jwalo, a se ke a mo tsebisa ha a tloha.

21. A thoba jwalo le tsohle tseo a nang le tsona; mme a tloha, a tshela noka, a leba thabeng ya Gileade.

22. Labane a tsebiswa ka tsatsi la boraro hoba Jakobo o thobile.

Genese 31