Genese 30:14-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Yare ha Rubene a ile naheng mohla ho kotulwang koro, a fumana diduda naheng, a di tlisetsa Lea, mmae. Yaba Ragele o re ho Lea: Ako nkarolele diduda tsa mora hao.

15. Lea a re ho yena: Hleka ke ntho e nyenyane ha o nkamohile monna wa me? a o ya nkamoha le diduda tsa mora wa me na? Ragele a re: O tla robala le wena bosiung bona, bakeng sa diduda tsa mora hao.

16. Eitse ha Jakobo a oroha naheng mantsiboya, Lea a tswa, a ya mo kgahlanyetsa, a re: O tla tla ha ka, hobane ke o ananne ruri ka diduda tsa mora wa me. Yaba o robala le yena ka bosiu boo.

17. Jwale Modimo wa utlwa Lea, mme a emola, a tswalla Jakobo mora wa bohlano.

18. Lea a re: Jehova o nneile moputso wa me, kamoo ke neileng monna wa me lekgabunyane la me. A mo rea lebitso la Issaskare (moputso).

19. Lea a boela a emola, a tswalla Jakobo mora wa botshelela.

20. Yaba Lea o re: Modimo o ntshitsitse ka neo e ntle; jwale, monna wa me o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng. Mme a mo rea lebitso la Sabulone (moaho).

21. Kamorao, a tswala moradi, a mo rea lebitso la Dina.

22. Yaba Modimo o hopola Ragele, Modimo wa ba wa mo utlwa, wa thibolla popelo ya hae.

23. A emola, a tswala mora, a re: Modimo o tlositse sekgobo sa me.

24. Mme a mo rea lebitso la Josefa (kekeletso), a re: Jehova a nkekeletse mora e mong.

25. Eitse hobane Ragele a tswale Josefa, Jakobo a re ho Labane: Ntokolle, ke ye heso, lefatsheng la heso.

26. O nnee basadi ba ka le bana ba ka, bao ke ba sebeleditseng ho wena, ke ikele, etswe o tseba tshebeletso ya ka eo ke o sebeleditseng ka yona.

27. Labane a re ho yena: A nke ke fumane mohau mahlong a hao, hobane ke lemohile hoba Jehova o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.

28. A ba a re: Mpehele moputso wa hao, mme ke tla o nea.

29. Jakobo a re ho yena: O tseba kamoo ke o sebeleditseng kateng, le kamoo mehlape ya hao e eketsehileng ho nna kateng.

30. Hobane o ne o na le ntho di se kae, ha ke eso ho tle, empa jwale, di atile haholo, mme Jehova o o file lehlohonolo haesale ke etla; mme jwale, ntlo ya ka yona ke tla e sebeletsa neneng?

31. Labane a re: Ke o neeng? Jakobo a re: O se ke wa nnea letho; empa ha o ka nketsetsa kamoo ke tla o bolella kateng, ke tla boela ke dise mehlape ya hao, ke e boloke:

32. ke tla lekola mehlape ya hao kaofela kajeno, ke kgethe ho yona nku tsohle tse tsasana, le tse thoboshana, le nku tsohle tse nang le bokgunwana mohlapeng wa dinku, le dipodi tse tshasana, le tse thoboshana, mme e tla ba wona moputso wa ka.

33. Ke moo ho loka ha ka ho tla nkemela mehleng e tlang, mohla o tlang ho bona moputso wa ka; e nngwe le e nngwe e seng tshasana, kapa thoboshana hara dipodi, le e seng kgunwana hara dinku tsa ka, etlaba ke ya boshudu ho nna.

Genese 30