Genese 30:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.

2. Yaba Jakobo o halefela Ragele, a re: A ke eme bakeng sa Modimo o o hanetseng le ho beleha na?

3. A re: Lekgabunyane la me, Bilha, ke lena; eya ho lona, le tle le tswale bana mangoleng a me, mme ke bone bara ka lona.

4. A mo nea Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be mosadi wa hae; mme Jakobo a ya ho yena.

5. Bilha a emola, a tswalla Jakobo mora.

6. Yaba Ragele o re: Modimo o nkahloletse, o bile o mametse lentswe la ka, o nneile mora. Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane (moahlodi).

7. Bilha, lekgabunyane la Ragele, a boela a emola, a tswalla Jakobo mora wa bobedi.

8. Ragele a re: Ke lwanne le moholwane wa me ntwa e kang ya Modimo, ke bile ke mo hlotse. Yaba o mo rea lebitso la Nefthali (ntwa ya ka).

9. Eitse ha Lea a bona hoba o dutse ho beleha, a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Jakobo, hore e be mosadi wa hae.

Genese 30