Genese 3:10-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Adama a re: Ke utlwile lentswe la hao tshimong, mme ke tshabile, kahobane ke feela, mme ke ipatile.

11. Jehova a re: Ke mang ya o tsebisitseng hobane o feela? Na ha o a ka wa ja sefate seo ke o laetseng, ka re: O se ke wa se ja, na?

12. Adama a re: Mosadi eo o nneileng yena hore a dule le nna, ke yena ya mphileng tsa sefate, ka di ja.

13. Jehova Modimo a bolella mosadi, a re: Na keng eo o e entseng? Mosadi a re: Noha e nthetsitse, mme ke jele.

14. Yaba Jehova Modimo o re ho noha: Erekaha o entse hoo, o rohakilwe hara makgomo wohle, le hara diphoofolo tsohle tsa naha; o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.

15. Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.

16. A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.

17. A re ho Adama: Erekaha o utlwile lentswe la mosadi wa hao, mme wa ja sefate seo ke o laetseng sona, ka re: O se ke wa se ja; lefatshe le rohakilwe ke hona ka baka la hao, mme o tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao;

18. le tla o medisetsa ditshehlo le meutlwa, mme o tla ja jwang ba naha.

Genese 3