7. Yaba o re: Bonang, e sa le motshehare o moholo, ha e eso ho be nako ya ho phutha mehlape; nosang dinku, le tswe le ya di alosa.
8. Ba re: Re a sitwa, haele mona mehlape kaofela e eso ho phuthehe, ho tswe ho ribollwa letlapa le hodima molomo wa sediba, e le hona re nosang dinku.
9. A re a sa ntse a bua le bona, Ragele a fihla le dinku tsa ntatae, hobane e ne e le yena ya di disang.
10. Eitse ha Jakobo a bona Ragele, moradi wa Labane, kgaitsedi ya mmae, le dinku tsa Labane, kgaitsedi ya mmae, Jakobo a atamela, a ribolla letlapa le leng hodima molomo wa sediba, a nosa dinku tsa Labane, malomae.
11. Jakobo a aka Ragele, a phahamisa lentswe la hae, a lla.
12. Jakobo a bolella Ragele hoba ke yena wabo ntatae, le hore ke mora wa Rebeka; ya ba o matha, a tsebisa ntatae.
13. Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo, mora kgaitsedie, a titima, a mo kgahlanyetsa, a mo phothoma, a mo aka, a mo tlisa ka tlung ya hae. Yaba o bolella Labane ditaba tseo kaofela.
14. Labane a re ho yena: Efela o lesapo la ka le nama ya ka! Jakobo a dula ho yena matsatsi a kgwedi.
15. Yaba Labane o re ho Jakobo: Haele moo o le ngwaneso, na o tla ntshebeletsa feela? Ako mpolelle hore moputso wa hao e tla ba eng?
16. Labane o ne a na le baradi ba babedi, lebitso la e moholo e le Lea, lebitso la e monyenyane e le Ragele.
17. Lea o ne a na le mahlo a fokolang, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle ho bonweng.
18. Jakobo a rata Ragele, a re: Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ha o ka nnea Ragele, moradi wa hao e monyenyane.
19. Labane a re: Ho molemo ha nka o nea yena ho fetisa ha nka mo nea monna e mong; itulele ha ka.