Genese 29:19-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Labane a re: Ho molemo ha nka o nea yena ho fetisa ha nka mo nea monna e mong; itulele ha ka.

20. Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.

21. Yaba Jakobo o re ho Labane: Nnee mosadi wa ka, ke tle ke tle ho yena, hobane matsatsi a ka a phethahetse.

22. Yaba Labane o lalletsa batho ba teng kaofela, a etsa mokete.

23. Eitse ha ho phirimile, a nka Lea, moradi wa hae, a mo isa ho yena, mme Jakobo a ya ho yena.

24. Labane a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Lea, moradi wa hae, hore e be lefielo la hae.

25. Yare ha bo esa, Jakobo a tshoha ha a bona hoba ke Lea, mme a re ho Labane: Ke taba e jwang eo o nkentseng yona? Ha ke a ka ka o sebeletsa bakeng sa Ragele na? Ke ka baka lang ha o nkgohlisitse na?

26. Labane a re: Ha ho ke ho etswa jwalo mona haeso, hore e monyenyane a ntshwe pele ho e moholo.

27. Qeta veke ya enwa, mme re tla o nea le yane hodima tshebeletso eo o tlang ho ntshebeletsa ka yona ka dilemo tse ding tse supileng.

28. Jakobo a etsa jwalo, a qeta veke ya Lea; yaba Labane o mo nea Ragele, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae.

29. Labane a nea Ragele, moradi wa hae, Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be lefielo la hae.

30. Jakobo a ba a ya le ho Ragele; a mpa a rata Ragele ho feta Lea; mme a boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng.

31. Jehova a bona hoba Lea o hloilwe, mme a mo thibolla popelo: empa Ragele ya eba nyopa.

32. Lea a emola, a tswala mora, a mo rea lebitso la Rubene (bonang mora), kahobane a ne a re: Jehova o tadimile ho hlora ha ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.

Genese 29