Genese 28:4-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. O o nee lehlohonolo la Abrahama, wena le mofuta wa hao o o hlahlamang, o tle o rue lefatshe leo o jakileng ho lona, leo Modimo o le neileng Abrahama.

5. Yaba Isaaka o fa Jakobo tsela; eo a ya Paddan-Arame, ho Labane, mora Bethuele, Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mmae a Jakobo le Esau.

6. Yare ha Esau a bona hoba Isaaka o hlohonolofaditse Jakobo, o mo rometse Paddan-Arame hore a inkele mosadi teng, le hoba, eitse ha a mo hlohonolofatsa, o mo laetse, a re: O se ke wa inkela mosadi wa baradi ba Kanana;

7. mme Jakobo a utlwile ntatae le mmae, a ile Paddan-Arame;

8. yaba Esau o lemoha hoba baradi ba Kanana ba babe mahlong a Isaaka, ntatae.

9. Yaba Esau o ya ho Ishmaele, a nka Mahalathe, moradi wa Ishmaele, mora Abrahama, kgaitsedi ya Nebajothe, hore e be mosadi wa hae, kantle ho basadi bao a neng a se a ena le bona.

10. Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.

11. A fihla nqalong e nngwe, a lala teng, hobane letsatsi le ne le se le diketse. A nka lejwe le leng teng, a le sama, a robala teng.

12. A lora a bona lere e emisitswe fatshe, ntlha ya yona e fihla lehodimong, a bona le mangeloi a Modimo a nyoloha, a be a theoha ho yona.

13. A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.

14. Ditloholo tsa hao di tla ba ka ka lerole la lefatshe; o tla namela bophirimela le botjhabela, le leboya le borwa, mme mefuta kaofela ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena le ho mofuta wa hao.

15. Bona, nna ke na le wena; ke tla o boloka hohle moo o ka yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena, hobane nke ke ka o tlohela, ke eso ho o etse seo ke o baletseng sona.

Genese 28