Genese 28:2-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.

3. Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.

4. O o nee lehlohonolo la Abrahama, wena le mofuta wa hao o o hlahlamang, o tle o rue lefatshe leo o jakileng ho lona, leo Modimo o le neileng Abrahama.

5. Yaba Isaaka o fa Jakobo tsela; eo a ya Paddan-Arame, ho Labane, mora Bethuele, Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mmae a Jakobo le Esau.

6. Yare ha Esau a bona hoba Isaaka o hlohonolofaditse Jakobo, o mo rometse Paddan-Arame hore a inkele mosadi teng, le hoba, eitse ha a mo hlohonolofatsa, o mo laetse, a re: O se ke wa inkela mosadi wa baradi ba Kanana;

7. mme Jakobo a utlwile ntatae le mmae, a ile Paddan-Arame;

8. yaba Esau o lemoha hoba baradi ba Kanana ba babe mahlong a Isaaka, ntatae.

9. Yaba Esau o ya ho Ishmaele, a nka Mahalathe, moradi wa Ishmaele, mora Abrahama, kgaitsedi ya Nebajothe, hore e be mosadi wa hae, kantle ho basadi bao a neng a se a ena le bona.

10. Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.

11. A fihla nqalong e nngwe, a lala teng, hobane letsatsi le ne le se le diketse. A nka lejwe le leng teng, a le sama, a robala teng.

Genese 28