1. Isaaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re ho yena: O se ke wa inkela mosadi ho baradi ba Kanana.
2. Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.
3. Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.
4. O o nee lehlohonolo la Abrahama, wena le mofuta wa hao o o hlahlamang, o tle o rue lefatshe leo o jakileng ho lona, leo Modimo o le neileng Abrahama.
5. Yaba Isaaka o fa Jakobo tsela; eo a ya Paddan-Arame, ho Labane, mora Bethuele, Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mmae a Jakobo le Esau.
6. Yare ha Esau a bona hoba Isaaka o hlohonolofaditse Jakobo, o mo rometse Paddan-Arame hore a inkele mosadi teng, le hoba, eitse ha a mo hlohonolofatsa, o mo laetse, a re: O se ke wa inkela mosadi wa baradi ba Kanana;
7. mme Jakobo a utlwile ntatae le mmae, a ile Paddan-Arame;
8. yaba Esau o lemoha hoba baradi ba Kanana ba babe mahlong a Isaaka, ntatae.
9. Yaba Esau o ya ho Ishmaele, a nka Mahalathe, moradi wa Ishmaele, mora Abrahama, kgaitsedi ya Nebajothe, hore e be mosadi wa hae, kantle ho basadi bao a neng a se a ena le bona.
10. Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.
11. A fihla nqalong e nngwe, a lala teng, hobane letsatsi le ne le se le diketse. A nka lejwe le leng teng, a le sama, a robala teng.
12. A lora a bona lere e emisitswe fatshe, ntlha ya yona e fihla lehodimong, a bona le mangeloi a Modimo a nyoloha, a be a theoha ho yona.
13. A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.