3. Ka baka leo, ako nke jwale dibetsa tsa hao, kgohlopo ya hao le seqha sa hao, o ye naheng, o ntsomele phoofolo;
4. o nketsetse nama e hlabosang, eo ke e ratang, o ntlisetse yona, ke je, moya wa ka o tle o o hlohonolofatse, ke eso ho shwe.
5. Kanthe Rebeka o ne a ntse a utlwa ha Isaaka a bolella Esau, mora hae. Yaba Esau o ya naheng ho ya tsoma phoofolo eo a tlang ho e tlisa.
6. Yaba Rebeka o bua le Jakobo, mora hae, a re: Bona, ke utlwile ntatao a bolella Esau, ngwaneno, a re:
7. Ako ntlisetse phoofolo, o nkapehele nama e hlabosang, ke tle ke e je, mme ke o hlohonolofatse pela Jehova, ke eso ho shwe.
8. Jwale, mora wa me, mamela lentswe la ka kamoo ke tlang ho o laela kateng.
9. Eya mohlapeng, o ntshwarele teng dipotsanyane tse pedi tse ntle, mme ke tla lokisetsa ntatao nama, e hlabosang ka tsona, kamoo a e ratang kateng.
10. O tla e isa ho ntatao a tle a e je, a o hlohonolofatse, a eso ho shwe.
11. Yaba Jakobo o re ho Rebeka, mmae: Bona, Esau, ngwaneso, ke motho ya mohwete, nna ke motho ya lehwete.
12. Ekaba ntate o tla mphopholetsa, mme ke tla ba ho yena jwaloka mothetsi, ke tlise thohako hodima ka, e seng lehlohonolo.
13. Mmae a re ho yena: Thohako e ka tlang ho wena a e be hodima ka, mora wa me; wena empa, mamela lentswe la me, o tsamaye, o ntshwarele tsona.
14. Yaba o a ya, a di nka, a di tlisa ho mmae, mme mmae a apeha nama e hlabosang, kamoo ntatae a e ratang kateng.