Genese 27:25-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Yaba o re: Ntlisetse, ke je se tsomilweng ke mora wa ka, mme moya wa ka o o hlohonolofatse. Jwale a mo tlisetsa, mme a ja; a ba a mo tlisetsa veine, a nwa.

26. Isaaka, ntatae, a re ho yena: Atamela jwale, o nkake, mora wa ka.

27. Yaba o atamela, a mo aka. Isaaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, a mo hlohonolofatsa, a re: Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo eo Jehova a e hlohonolofaditseng!

28. Modimo o ke o o fe phoka ya lehodimo le lefura la lefatshe, le nala ya koro le ya veine!

29. Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!

30. Yare Isaaka ha a sa tswa qeta ho hlohonolofatsa Jakobo, mme Jakobo a sa tswa tswa pontsheng ya Isaaka, ntatae, Esau, moholwane wa hae, a fihla a etswa tsholong.

31. Le yena a lokisa nama e hlabosang, a e tlisa ho ntatae, a re ho ntatae: Ntate a ke a tsohe, a je se tsomilweng ke mora hae, hore moya wa hao o ntlhohonolofatse.

32. Isaaka, ntatae, a re ho yena: o mang na? A re: Ke nna Esau, mora wa hao wa letsibolo.

33. Yaba Isaaka o a nyaroha, a tshoha haholo ka ho fetisisa, a re: Ke mang ya tsomileng phoofolo, a e tlisa ho nna, mme ka ja tsohle o eso ho tle, ka ba ka mo hlohonolofatsa, mme o tla fela a hlohonolofale?

34. Yare ha Esau a utlwa mantswe a ntatae, a meketsa ka lentswe le leholo le bohloko ka ho fetisisa, a re ho ntatae: Oho, ntlhohonolofatse le nna, ntate!

35. A re: Moenao o tlile ka mano, o inketse lehlohonolo la hao.

36. A re: Na ha a rewa lebitso la Jakobo? Ke enwa, o nthetsitse habedi: o nkamohile boholwane ba ka, mme bona, le jwale o nkamohile lehlohonolo la ka! A eketsa a re: Na ha o a ka wa mpolokela lehlohonolo na?

37. Isaaka a arabela Esau, a re: Bona, ke mo entse morena wa hao, mme ke mo neile banababo kaofela hore e be bahlanka ba hae; ke bile ke mo babaletse le ka koro le veine; mme jwale wena, nka o neang, mora wa ka?

38. Esau a re ho ntatae: A ke yona hlohonolofatso ya hao e nnotshi, ntate? Oho, ntlhohonolofatse le nna, ntate! Yaba Esau o phahamisa lentswe la hae, a lla.

39. Isaaka, ntatae, a mo arabela, a re ho yena: Bona, moaho wa hao o tla hloka lefura la lefatshe, le phoka ya lehodimo e tswang hodimo.

40. empa o tla phela ka lerumo la hao, o sebeletse moenao; etlare ha o etsa ka matla, o tla roba joko ya hae, o e kwele molaleng wa hao.

41. Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.

42. Rebeka a sebelwa polelo ya Esau mora wa hae e moholo; yaba o romela, a bitsa Jakobo, mora wa hae e monyenyane, a re ho yena: Bona, Esau, moholwane wa hao, o rata ho iphetetsa ka wena ka ho o bolaya.

43. Jwale, mora wa ka, mamela lentswe la ka: o tlohe, o ipalehele Harane ho kgaitsedi ya ka, Labane;

44. o hlole ditshiu tse ding ha hae, ho fihlela ho befelwa ha moholwane wa hao ho ba ho kokobela;

Genese 27